Mathuleng a ho tepella le botebong ba ho solla,
E ile ya ipetsa sa mopalami a theoha tereneng,
Monahano wa ka wa e thuisa wa e henahena,
Ka ipotsa dipotso, ebe ke a lora? ebe ke ferekane?
Bua le nna pelo ya ka,
Phetsa ho sekisa meokgo
Diketo o ne o se o dibapale
Tlholo ya monate wa papadi
Wena pelo ha o o tsebe!
Kgaotsa, kgaotsa ho sekisa meokgo
Bua le nna pelo ya
tlase botebong ba pelo yaka ho phalla kgotso,
ho kolla Lerato,
o amohelehile phapusing ena,
phapusing eleng pelong yaka ya kgotso,
tloho o tlo nyakalla phapusing yaka ya kgotso,
Ke lakatsa